09 Motsheanong 2026
Ke Primrose Tlou

SEBOZA: Sechaba se tšoenyehile ke khaello ea marang-rang e amang puisano le khoebo.
Sechaba se utloa bohloko haholo m ha se batla ho letsa.Moetapele Nyakalo Nare ore “ha sechaba se batla ho buisana le baratuoa ba sona le ba lelapa ba hloa thaba kajoalo seo se beha bophelo ba bona kotsing,” arealo Nare.
Mokhansilara oa ward 24 Ntokozo Ndabalime o kho thalitse sechaba ho lula ka khotso.
”ho bohlokoa ho lula ka tshiamo malapeng le ho khalimela le ntoa malapeng leli kopanong,” arealo Mokhanselara.
Mme Rosina Ncube obuile ka mathata a kopana le bo Mme khaulong ea bone. Ore “ho bohloko haholo ho basali,baimana ho lula sebakeng se senang marangrang boemong ba tshohanyetso kapa kotsi ho ba thata,” arealo Ncube.
Re ipiletsa ho mo Palamente le lefapha la litaba le marang-rang ho ela hloko taba ea marang-rang hobane e bohlokoa ho tsoelopele ea Rona.

