21 Hlakola 2025
Ke Jonah B Moyo

Sechaba le matichere ba tšoenyehile ka likhohola sekolong sa Seboza . Matlo a matichere a ameha haholo,metsi a keni ka tlung a baka tšenyo.
Batsoali ba phela tšabong ea boemo ba metsi sekolong ba nahana hore haeba se emo se ntse se tsoela pele, ho ka qetella ho senea meaho ea sekolo.
Molulasetulo oa Komiti ea Sekolo ntate Mandla Nyathi a re o tšohile ka boemo ba metsi sekolong.
“Metsi a butse molatsoana ka hare ha sekolo sena se ka ba bothata ba ho qetella e le noka e tla ama sekolo. Re kopa thuso ho motho kapa mokhatlo”,arealo Nyathi.
Motsoali ea nang le moithuti sekolong sa Seboza Ntate Brighton Kusena o bontšitse pherekano mabapi le boemo ba sekolo.
“Bana ba rona ba tobane le linako tse thata sekolong ka lebaka la metsi ana le boemo ba leholimo.Hape matichere a ke ke a rata ho ruta sekolong sa bothata ba likhohola”,arealo Motsoali.
Mokhanselara oa ward 24 Ntokozo Ndabalime o re metsi a ne a tletse hohle sekolong le matlong a matichere maobane.
“Metsi a ne a tletse hohle kamo sekolong le matlong a matichere, homme seo se ka baka tšenyo ea le kaho, liaparo le lijo.Ke ile ka bolella le mohlophehi oa rona mo Palamenteng ka taba ena.Re ts’epa hore re tla fumana thuso”,arealo Mokhanselara.
Mokhanselara otsoeletse a re nokana e hareng ha sekolo e bakoa ke noka ea Mkhalipe.
Ha noka ea Mkhalipe e koaheloa ke metsi a teng ea sekolong.lepotlapotla le lokela ho hahuoa ho thibela metsi ho tloha nokeng, sena se tla boloka sekolo sa rona”,arealo Ndabalime