07 Hlakola 2025
Ke Jonah B Moyo

Gwanda -Balimi ba Progressive Garden mo Bethel ward 14 ba thabetse mosebetsi o etsoang ke mochini o omisang meroho o ileng oa etsa hore mosebetsi oa bona o be bonolo ebile o sebetsa hantle
Nako e telele eo re neng re tloaetse ho sebetsa ka eona ka mokhoa oa moetlo oa thothokiso ea meroho e li omisa ho lijana empa joale ke pale e fapaneng e entsoeng ke mochini.
Mochini oa Solar dryer o sebelisa motsoako oa mocheso o tsoang letsatsing o tsoang letsatsing le o ile oa tebisa lijo tse omileng kahoo e ka bolokoa bakeng sa nako e telele
Mofumahali Agnes Nare o ile a bontša thabo ka tsebeliso ea mochini o omisang miroho.
“Ke thabetse mosebetsi o etsoang ke mochini ona, Ke kenya meroho ea ka ebe ke e kenya ka mochining, ka nako e khuts’oane e tla be ommile Ke kopa ho leboha k’hamphani ea Hand in Hand Zimbabwe ka merelo oa botsi ediring sechabeng,”arealo Nare.

Getrude Ndlovu o boletse are mochine o thusa haholo kamora ho omisa ho ka nka meroho marakeng Kamora hore re phethe ho o omisa ‘marakeng.
“Bareki ba bangata ba rata meroho ea rona e omisitsoeng hobane ba re o motle, ha ho na litsila ka seo ho re hohela bareki,” arealo Mme Ndlovu.
Hand in Hand Zimbabwe Gwanda District Area Manager Makhosonke Ndlovu orile mochine ona o ile oa tlisoa ho phahamisa morero le tlhahiso mo ward 14.
“Mochini o tlisitsoe ho fana ka meroho e phahameng e omisitsoeng e tla boloka Ward 14, Sena se tla thusa sechaba ho boloka miroho le ho ea rekisa ka bongata.
Mochini otla thusa balimo ba Progressive Garden hoboloka miroho,litamati,phiriphiri kanako tsohle,”arealo Ndlovu.
> 𝑵𝒕𝒆𝒑𝒆-𝑴𝒂𝒏𝒂𝒎𝒂𝑭𝑴
𝗗𝗶𝗱𝗬𝗼𝘂𝗞𝗻𝗼𝘄 it pays to advertise with Ntepe-Manama Community Radio. You can contact us on the following details.
𝗖𝗮𝗹𝗹𝘀:0772462909.
𝗪𝗵𝗮𝘁𝘀𝗔𝗽𝗽 0779308003 𝗲𝗺𝗮𝗶𝗹:ntepemanama@gmail.com.
Follow the Ntepe-Manama Community Radio 97.0 Group on WhatsApp:https://chat.whatsapp.com/HFyfcPqvX0qF25GpLdDtsN
Come Advertise With Us.