30 Phuptjane 2025
Ke Primrose Tlou

Komponi ea Edward Ndlovu Memorial Trust motseng oa Manama Bible School mo ward 17 Gwanda e ruta balimi ho tsoa ward 14,15,16,17 le 18 ho rua li ho tlhokomela lipoli.
Tsebo, tlhokomelo e ntle le ho nka mehato e nepahetseng ho etsa lipatlisiso tse ngata ho ntlafatsa boleng ba mohlape.
Mme Obey Daga o berekang mo Matopo Research Centere obuile mabapi le lokela ea ho boloka lipoli hantle.
“phoofolo ena e batla tlhokomelo e nepahetsing , molemi o tsoanetsi hotsiba kalafo ea puli maloetsing a boleang phofoolo tsabona. Potsana e batla thlokomelo hore e khone o phela , samathomo ko tsiba botse ba ho anyesa mafi a mathomo moraho ha ho tsoala ha puli.
“Seo se tiisa mili oa potsanyane le ho e loela maloetsing a mangata. Moraho ha kalafo e ngoe le engoe batho bathlape matsoho hobane maloetsi a khona o tsoa poling a ea mothong kapa mothong o ea phofoolong,” arealo Daga.

Balimi baitumetse haholo ka tsibo ea bae fumaning ea thuo ea li poli.
Morateng Siziba hotsoa Sinai ore lithuto tse li butse mahlo a ka ka khoebo ea lipoli.
“Ke ithutile haholo ka ho tlhokomela lipoli mokhoa oa ho lema hola le ho boloka lijo bakeng sa lipoli. Ke tlil’o arolelana boiphihlelo le lithuto tsena le balemi mo hae Sinai,” arealo Siziba.
Ho hloka tsebo le koetliso ho balemi ho bosetsa moraho tsoelopele.
Mongoe oa barutoana hape monna oa khoebo ka merero ea lipoli mo khanselara oa ward 17 Ntuthuko Nyathi obuile hore o ithutile ho hongata ka lipoli kajeno.

“keithutile hole ngata kamerero ea lipōli e be ke satsibi hore mafura a bakeloa ki libaktheria li beng motloeng.
“Ka molimi be kitseba hore mafura matsoeleng a puli a bakeloa ke lebese la likhohola molilong. Balemi ba lokela ho nka tsebo ena e tebileng le ho e sebelisa khoebong ea bona ea lipoli. Keaitumela ka thuto e ntle,” arealo Nyathi.
Balimi ba tsoanetsi o lima lijo tsa leruo.Seo se tla thusa ho boloka litsenyehelo le ho boloka cheleta letl ho reka kalafo ea phofoolo.